Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Bahlanka ba mong a ntlo ba tla, ba re ho yena: Morena, ha re re, o ne o jadile peo e ntle tshimong ya hao? Na mofoka oo e o nkile kae?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 “Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: ‘Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Bahlanka ba monga ntlo ba tla ho yena, ba re: Monghadi, na ha o a ka wa jala peo e ntle tshimong ya hao na? joale e ka ba mofoka kae?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Bahlanka ba monga ntlo ba tla ho yena, ba re: Monghadi, na ha o a ka wa jala peo e ntle tshimong ya hao na? joale e ka ba mofoka kae?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:27
17 Referencias Cruzadas  

Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.


Mme koro ha e se e hlahisitse lekgaba, e se e tswetse, mofoka le wona wa bonahala.


A re ho bona: Ke ketso ya sera. Bahlanka ba re ho yena: Na ha o rate ha re ya kga mofoka oo na?


Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Re mpa re iketsetsa kahohle kemelo e loketseng bahlanka ba Modimo, ka tiisetso e kgolo mahlomoleng, le bofumeng, le ditsietsing,


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos