Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.
Mattheu 11:5 - BIBELE Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo. Sesotho 1909/1961 (SO) Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli. Baasraak Sotho NT Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli. |
Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.
Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”
Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.
Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?
Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona.
Baikokobetsi ba tla boela ba thabela Morena, mafutsana a thabele Ya Halalelang wa Iseraele.
Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.
Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo.
Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.
Jesu a ba araba, a re: “Eyang, le phetele Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang:
Yaba o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao!” A le otlolla, la fola, mme la boela la loka jwaloka le leng.
Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”
Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”
Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!”
“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,
Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse, mme ha le dumele; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang,
empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”
Ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela ho yena, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.
A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”
“Empa nna ke na le bopaki bo fetang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile;
mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.
“Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.
Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?