Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:3 - BIBELE

3 “Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho lehlohonolo bafumanehi moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:3
55 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.


Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.


Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.


Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena.


haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.


Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.”


Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;


Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae.


Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae; eo Morena Modimo wa hae, e leng tshepo ya hae.


Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Oho, Morena, ako rarolle leleme la ka, molomo wa ka o phatlalatse thoriso ya hao.


Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng.


Ho molemo ho ikokobetsa o le hara mafutsana, ho ena le ho arolelana kgapo le baikgohomosi.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


“Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka.


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ka baka la ka!”


“Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa.


Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”


“Ho lehlohonolo mohlanka eo ereng ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Ke a le bolella, ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba be dijong le Aborahama, Isaka le Jakobo Mmusong wa mahodimo,


Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Jwalokaha Ntate a nkgethetse Mmuso, le nna ke le kgethela wona,


hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”


“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,


Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”


Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.


Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


“O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos