Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
Luka 4:2 - BIBELE a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa. Sesotho 1909/1961 (SO) A lekwa teng ke Diabolose ka matsatsi a mashome a mane, a sa je letho ka matsatsi ao; a ntoo lapa ho feleng ha wona. Baasraak Sotho NT A ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. Mme matsatsing ao o ne a sa je letho: mme ha di fetile, hamorao a lapa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. Mme matsatsing ao o ne a sa je letho: mme ha di fetile, hamorao a lapa. |
Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.
Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.
Yaba kgosi e etsa phatlalatso hara motse wa Ninife, e re: “Kgosi, e ena le mahosana a yona, e laela hore: Ho se be motho ya tla latswa letho, a je kapa a nwe; le tsona diphoofolo le dikgomo kapa dikgutshwane, di se ke tsa fula kapa tsa enwa metsi.
Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
“Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa.
“Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena, ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, hobane Morena o ne a re o a le timetsa.
ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.
Mofilesita eo o ne a ye a tle hoseng ho hong le ho hong, le mantsiboya a mang le a mang, a nne a sasanke, mme hona a ho etsa ka matsatsi a mashome a mane.