Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:1 - BIBELE

1 Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale Jesu, a tletse Moya o Halalelang, a tloha Jordane, a iswa ke Moya feelleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yaba Jesu a tletse Moya o Halalelang, a kgutla Jordane, mme a iswa ke Moya feelleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba Jesu a tletse Moya o Halalelang, a kgutla Jordane, mme a iswa ke Moya feelleng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:1
19 Referencias Cruzadas  

Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka.


Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae;


A iswa ke Moya ka Tempeleng, mme ha batswadi ba ngwana Jesu ba mo isa hore ba etse ka yena ho ya ka moetlo wa Molao,


A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe,


mora wa Enoshe, mora wa Seta, mora wa Adama, mora wa Modimo.


Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.


“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,


Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae.


Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.


ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


Hoba ba nyolohe metsing Moya wa Morena wa nka Filipi, mme lehaole ha le a ka la hlola le mmona; la tswela pele leetong la lona le nyakaletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos