Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 2:18 - BIBELE

18 Kaha le yena a lekilwe ka ho hlokofatswa, o tseba ho thusa ba lekwang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane erekaha a utlwile bohloko mohla a lekwang, ke kahoo a tsebang ho thusa ba lekwang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Hobane yena ka ho hlomoha ha a ntse a lekwa, o kgona ho thusa ba lekwang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane yena ka ho hlomoha ha a ntse a lekwa, o kgona ho thusa ba lekwang.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 2:18
16 Referencias Cruzadas  

Lona le ba ileng ba ema le nna ha ke ne ke lekwa.


Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”


Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate.


Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.


O tla fetola mmele ya rona e nyedisehang, hore e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao a nang le wona a ho bea tsohle tlasa hae.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng.


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos