Ke sena selekane se pakeng tsa rona le wena le ditloholo tsa hao, seo le tla se boloka; bohle ba batona ba lona ba tla bolotswa.
Luka 1:13 - BIBELE Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. Baasraak Sotho NT Empa lengeloi la re ho yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utloilwe; mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa lengeloi la re ho yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utloilwe; mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. |
Ke sena selekane se pakeng tsa rona le wena le ditloholo tsa hao, seo le tla se boloka; bohle ba batona ba lona ba tla bolotswa.
Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.
Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
Ka kena dikobong tsa mosadi wa ka, a emola, a tswala mora. Yaba Morena o re ho nna: “Mo ree lebitso la ‘Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo’!
Yaba o re ho nna: “Se tshabe, Daniele, hobane ho tloha ka letsatsi la pele leo ka lona o neng o qale ho batla kutlwisiso le ho ikokobeletsa Modimo wa hao, thapelo ya hao e ne e utlwahale, mme jwale ke tlile ho arabela thapelo eo ya hao.
Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.
Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela.
o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”
Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng.
Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.
Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.
Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.
Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.