Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 16:6 - BIBELE

6 Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tshoha. Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng; o tsohile, ha a yo mona. Bonang, moo ba neng ba mmeile teng ke mona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 A re ho bona: Se tshoheng; le batla Jesu wa Nasaretha ya neng a thakgisitswe; ha a yo mona: bonang nqalo eo ba mmeileng ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 A re ho bona: Se tshoheng; le batla Jesu wa Nasaretha ya neng a thakgisitswe; ha a yo mona: bonang nqalo eo ba mmeileng ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 16:6
23 Referencias Cruzadas  

Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


Ba nthatang le nna ke a ba rata, ba mpatlang bona ba tla mphumana.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”


Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”


ba tla mo soma, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape, ba mmolaye, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.”


A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.


Hanghang ha letshwele lohle le bona Jesu, la makala haholo, mme la mathela ho yena, la mo dumedisa.


A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,


Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.


ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos