Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:10 - BIBELE

10 Ke sena selekane se pakeng tsa rona le wena le ditloholo tsa hao, seo le tla se boloka; bohle ba batona ba lona ba tla bolotswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke wena selekane sa ka seo le tlang ho se boloka, se mahareng a ka le lona, le ditloholo tsa hao tse kamora hao: Ba batona bohle ho lona ba bolotswe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:10
29 Referencias Cruzadas  

Le tla bolotswa ka ho poma leeko, mme hona e tla ba letshwao la selekane se pakeng tsa rona le wena.


Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


le banna bohle ba lelapa la hae, le ba tswaletsweng tlung ya hae, le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba, le bona ba bolotswa le yena.


Aborahama a bolotsa mora wa hae Isaka ha a ena le matsatsi a robedi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Re ka dumela feela haeba le dumela ho ba jwaloka rona: e mong le e mong wa lona e motona a bolotswe.


Banna bana ba ka dumela ho aha le rona, hore e be setjhaba se le seng le rona, ha feela e mong le e mong e motona wa rona a ka bolotswa, jwalokaha le bona ba bolotse.


“Ha le ahisane le moditjhaba, mme a rata ho etsetsa Morena Paseka, eka kgona ba batona bohle ba lelapa la hae ba bolotswe, e be hona ba ka tlang ho keteka le lona, mme ba tla tshwana le matswallwa a naha eo. Empa maqai a ke ke a e ja.


Ke ha mosadi wa hae Sefora a nka lejwe le bohale, a bolotsa mora wa hae, mme ka leeko leo a le kgaotseng ho mora wa hae a ama botona ba Moshe, a re: “Ruri o monna wa madi ho nna!”


bolokang selekane sa lona le nna, le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle, lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; esere kgalefo ya ka ya laima sa malakabe, ya tjhesa ho se ya ka e timang, ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.”


Moshe o le neile lebollo, e seng hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho baholoholo, mme le bolotsa motho ka Sabatha.


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


Hantlentle Mojuda wa nnete hase eo e leng yena ka tshobotsi, esita le lebollo la nnete hase letshwao le ka bonwang nameng,


Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng,


Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao.


kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste.


Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho.


Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga.


Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Ka yona nako eo, Morena a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa ka lejwe la moralla, o boele o bolotse bana ba Iseraele.”


Lebaka leo Joshua a neng a ba bolotsa ka lona ke lena: Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta, ba batona, e leng banna bohle ba bahlabani, ba ne ba shwele lehwatateng, ba le tseleng, kamora hoba ba tswe naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos