Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:11 - BIBELE

11 Le tla bolotswa ka ho poma leeko, mme hona e tla ba letshwao la selekane se pakeng tsa rona le wena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:11
9 Referencias Cruzadas  

Modimo a re: “Ke sena sesupo sa selekane seo ke se etsang le lona le tsohle tse phelang le lona, le meloko e tlang:


Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”


“Ha le ahisane le moditjhaba, mme a rata ho etsetsa Morena Paseka, eka kgona ba batona bohle ba lelapa la hae ba bolotswe, e be hona ba ka tlang ho keteka le lona, mme ba tla tshwana le matswallwa a naha eo. Empa maqai a ke ke a e ja.


Ke ha mosadi wa hae Sefora a nka lejwe le bohale, a bolotsa mora wa hae, mme ka leeko leo a le kgaotseng ho mora wa hae a ama botona ba Moshe, a re: “Ruri o monna wa madi ho nna!”


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.


Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga.


Joshua a iketsetsa dithipa ka lejwe la moralla, a boela a bolotsa bana ba Iseraele ha ba le Gibeata-Haralote.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos