Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:12 - BIBELE

12 Ngwana e mong le e mong wa hao e motona o tla bolotswa ha a ena le matsatsi a robedi; e mong le e mong e motona melokong yohle ya hao, le ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ya sa tswalaneng le wena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ngwana ya matsatsi a robileng meno e le mmedi hara lona a bolotswe, ba batona kaofela melokong ya lona, ya tswallwang tlung, leha e le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ofe le ofe, eo e seng wa mofuta wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:12
12 Referencias Cruzadas  

Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Aborahama a bolotsa mora wa hae Isaka ha a ena le matsatsi a robedi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Empa lekgoba le rekilweng ka tjhelete le ka e ja, ha feela le boloditswe.


O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.


Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko.


Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.


Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


Hantlentle Mojuda wa nnete hase eo e leng yena ka tshobotsi, esita le lebollo la nnete hase letshwao le ka bonwang nameng,


Ke ile ka bolotswa ha ke le matsatsi a robedi. Ke Moiseraele ka tswalo, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa mmakgonthe. Ka nqeng ya Molao ke Mofarisi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos