Genese 17:13 - BIBELE13 E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Ho bolotswe ya tswallwang tlung ya hao, le ya rekwang ka tjhelete ya hao, selekane sa ka se be nameng ya lona, e be selekane se sa feleng. Ver Capítulo |
Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”