Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho bolotswe ya tswallwang tlung ya hao, le ya rekwang ka tjhelete ya hao, selekane sa ka se be nameng ya lona, e be selekane se sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:13
15 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


Abrame a ba a re: Bona, ha o a nnea lesika, mme jwale ya tswaletsweng tlung ya ka e tla ba mojalefa wa ka.


Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Tloong, re mo rekiseng ho Baishmaele, re tle re se ke ra isa matsoho a rona hodima hae, hobane ke ngwanabo rona, nama ya rona. Banababo ba mo dumela.


Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.


Josefa a iswa Egepeta, mme Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi, Moegepeta, a mo reka ho Baishmaele ba mo isitseng teng.


Mookodi o tla bonahala marung, mme ke tla o tadima, ke elellwe selekane sa ka mehla se emeng mahareng a Modimo le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle tse lefatsheng.


Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.


Teng, ka re ho bona: Re lopolotse banababo rona ba Bajuda, ba neng ba rekisitswe ditjhabeng, ka seo re neng re na le sona; mme ke lona kajeno le yang ho rekisa ka banababo lona! Hape, le re, ba ya ithekisa ho rona na? Yaba ba kgutsa, ba sa fumane taba eo ba ka fetolang ka yona.


Empa mohlanka wa motho, ya rekilweng ka ditjhelete, ekare ha o mmoloditse, e tla ba hona a e jang.


Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.


Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho.


Ha monga lona a ne a le neile mosadi, mme mosadi eo e le tswaletse bara le baradi, mosadi le bana bao e tla ba ba monga lona, haele yena monna, o tla tloha a le mong.


Empa ekare ha moprista a itheketse mohlanka ka tjhelete, yena o tla di ja; ho jwalo le bakeng sa ya tswaletsweng tlung ya hae; bona ba tla ja dijo tsa hae.


mme kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, a re, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos