Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.
Bokellang setjhaba se kgobokane, le meme phutheho e halalelang; phuthang maqheku le phuthe bana, le phuthe le masea a anyesang. Monyadi a tswe ka kamoreng ya hae, monyaduwa a tswe ka leqatheng la hae.
Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.
Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole.
Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”
Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi — Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa —
Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.”
“Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.
Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.