Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:8 - BIBELE

8 Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 setjhaba se ne se qhalana, se tle se e thonake; ba ne ba e sila ka malwala, kapa ba e tula ka boloko; ba ne ba e pheha dipitseng, kapa ba ne ba etsa dinkgwa ka yona; ka hanong e ne e utlwahala jwaloka senkgwa se dubilweng ka ole.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:8
9 Referencias Cruzadas  

Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo.


Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: ‘Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.’ ”


Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.


Manna a ne a tshwana le peo e tshweunyana sebopeho sa wona se tshwana le sa mamina a difate a monko o monate.


Ha phoka e ne e lala diahelong bosiu, manna a ne a lala le yona.


Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”


Bo-ntata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: ‘O ba fepile ka bohobe bo tswang lehodimong.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos