Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:7 - BIBELE

7 Manna a ne a tshwana le peo e tshweunyana sebopeho sa wona se tshwana le sa mamina a difate a monko o monate.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Manna e ne e ka hlaku ya koriandere, mme ka mmala e ne e tshwana le badela;

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:7
7 Referencias Cruzadas  

Kgauta ya naha eo ke e ntlentle. Ho na le mamina a difate a monko o monake, le majwe a bohlokwa.


Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: ‘Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.’ ”


Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.


Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos