Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:13 - BIBELE

13 “Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:13
13 Referencias Cruzadas  

Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.


Jwale sepheo sa lona ke hore banna le basadi ba setjhaba sa Juda, le ba tswang Jerusalema, le ba etse makgoba a lona. Na lona ha le a sitelwa Morena Modimo wa lona?


Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.


“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;


Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng, hobane hosasane Morena o tla etsa dimakatso kahara lona.”


Feela lona le itlhokomele, le kgese tse rohakehileng, esere ka ho nka dintho tseo tse rohakehileng la itlisetsa thohako, la tlisetsa le diahelo tsa Baiseraele thohako le tsietsi.


Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos