Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:12 - BIBELE

12 Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:12
21 Referencias Cruzadas  

Empa jwale o re lahlile, wa etsa hore re tlontlolohe; ha o sa tswa le mabotho a rona.


Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa.


“Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: ‘Molaetsa wa Morena ke ofe?’ Wena o tle o re ho bona: ‘Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,’ ho rialo Morena.


Itlhokomele ke hona, wena Jerusalema, esere lerato leo ke o ratang ka lona la mphella, ka o fetola nanaola, naha e hlokang baahi.”


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka?


Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tsena, mme setjhaba sa lla haholo.


Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola.


Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.”


Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile dithabeng ba theoha, ba hlola Baiseraele, ba ba phaladisa ho ya fihla Horema.


Le se ke la tlisa medimo ya bohata ka matlung a lona, esere la timela jwaloka yona. Le e hloye ho hang, le e nyonye ho hang, hobane ke ntho e tla timetswa.”


Feela lona le itlhokomele, le kgese tse rohakehileng, esere ka ho nka dintho tseo tse rohakehileng la itlisetsa thohako, la tlisetsa le diahelo tsa Baiseraele thohako le tsietsi.


Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.


Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos