Ha ho jwalo. Monna ya tswang naheng e maralla ya Efraime, ya bitswang Sheba, mora wa Bikiri, o fetohetse kgosi, yena kgosi Davida. Neelana ka yena feela, mme ke tla tloha motseng ona.” Mosadi eo a re ho Joabe: “Ke tla o akgella hlooho ya monna eo le hodima lerako.”
Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: ‘Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle.’ ”
Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.
Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.
Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade.
Monna eo a tloha motseng oo wa Betlelehema e Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang tjako teng. Ha a ntse a tsamaya jwalo, a fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika.
Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”
Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.
Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.