Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:13 - BIBELE

13 Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:13
15 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena.


Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.


Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.


Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.


Ha Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, a bona hona, a ema, a tloha hara phutheho eo. A nka lerumo ka letsoho la hae,


Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.


Bara ba Rubene le bara ba Gade e ne e le barui ba mehlape e meholo ya dikgomo; ba lemoha hore naha ya Jarese le naha ya Gileade ke naha ya makgulo a matle a dikgomo.


“Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.


wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona,


Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime.


Merabe ya bana ba Iseraele ya romela banna morabeng wohle wa Benjamine, ya re: “Ke bokgopo bofe boo, bo etsahetseng hara lona?


Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos