Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:5 - BIBELE

5 Jwale baholoholo ba lona ba hokae? Na baporofeta bona ba phela kamehla yohle?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bontata lona ba kae? ... Leha e le baporofeta, na ke ba phelang kamehla?

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:5
16 Referencias Cruzadas  

Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”


Elisha a shwa, mme a epelwa. Ha selemo se thwase, mabothwana a Bamoabe a futuhela naha.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


Moloko o a hlaha, moloko o a feta, fatshe lona le hlola kamehla yohle.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


“Nka buka e nngwe hape, mme ho yona o ngole mantswe wohle a neng a ngotswe bukeng ya pele eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa.


Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona.


Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’


“Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Samuele a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, ba mo epela motseng wa habo wa Rama. Kamora moo Davida a tsamaya, a theohela lehwatateng la Parane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos