Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:4 - BIBELE

4 ‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:4
55 Referencias Cruzadas  

Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.


Le se ke la etsisa bo-ntata lona, le bana babo lona, ba ileng ba sitelwa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba etsa dintho tse tshabehang jwalokaha le bona.


“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”


Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Empa bona, le bo-ntata rona, ba ikakasa, ba ba manganga, ba se ke ba mamela melao ya hao.


“Leha ho le jwalo, ba se ke ba o mamela, ba se ke ba o mamela, ba o fetohela, Molao wa hao ba o siya morao; baporofeta ba hao bona ba ba bolaya, ha ba ba kgalemella ho ba busetsa ho wena; kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.


Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.


“Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’


Ha ba ne ba bile teng kgotleng la ka, ba ka be ba entse hore tjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka, ba se kgelositse tsela tsa sona tse kgopo, ba se kgutlisitse ketsong tsa sona tse kgopo.”


“Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: ‘Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka,


haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;


Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle.


Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione.


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape;


“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!


“Ka baka lena, ere ho bana ba Iseraele: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bakang, le furalle medingwana ya lona ya bohata, le furalle le mesebetsi ya lona yohle e manyala!


Empa ke ile ka re ho bana ba bona ha ba le lehwatateng: “Le se ke la tsamaya ka ditaelo tsa bontata lona, kapa la mamela melao ya bona, kapa la itshilafatsa ka medingwana ya bohata.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng.


Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena.


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Empa toka e ke e phalle, e phalle jwaloka noka, ho loka ho ke ho be jwaloka molatswana, ho ke molatswana o phallang kamehla.


Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”


Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng?’ ”


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Tsebang hore hase ka dintho tse senyehang, tse kang kgauta le silefera, le ileng la lopollwa metsamaong ya lona ya bosawana, eo le e nkileng ho bo-ntata lona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos