Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:3 - BIBELE

3 Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ere ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlelang ho nna, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:3
33 Referencias Cruzadas  

Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


Empa e ile yare ha ba le tsietsing ba kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele, ba mmatla, mme ba mo fumana.


Ha ba se ba phomotse ba etsa bokgopo mahlong a hao, wa ba tlohella dira tsa bona tsa ba busa; ba boela ba kgutlela ho wena, ba ipiletsa, wena wa ba utlwa o le hodimong la hao, ka makgetlo wa ba lopolla, ho ya ka mehauhelo ya hao.


Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.


Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona.


Baporofeta ba ile ba re: ‘Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.


Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena.


“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape;


“Empa lona le a botsa, le re: ‘Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?’ Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.


Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.”


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.


“Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama.


“Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.”


Ho tloha mehleng ya baholoholo ba lona la na la furalla ditaelo tsa ka, la se ke la di boloka. Kgutlelang ho nna, le nna ke tla kgutlela ho lona,” ho rialo Morena wa mabotho. “Empa le a ipotsa, le re: ‘Re ka kgutlela jwang?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos