Ka baka la hobane eitse ha o utlwa mantswe ao ke a buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, a hore se tla fetoha lesupi, se rohakehe, wa hahola diaparo tsa hao, pelo ya hao ya eba bonolo, wa ikokobeletsa Morena, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao,’ ho rialo Morena.
Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.
“Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.
Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno.
Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.”
Ka baka lena, ke tla ba halefela haholo. Nke ke ka ba ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Leha ba ka howeletsa haholo ha ba ipiletsa ho nna, nke ke ka ba mamela.”
feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.’
Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo.
Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwalokaha ke ile ka rera ho le dihela koduwa, mme ka hloka mohau ha bontata lona ba ne ba nkgalefisitse,” ho rialo Morena wa mabotho,
Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;