Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova o ne a halefele bontata lona ka kgalefo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Morena o ne a halefele baholoholo ba lona haholo.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:2
24 Referencias Cruzadas  

kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.


Haele moo re se re kile ra hlahelwa ke tse ngata ka baka la ketso tsa rona tse mpe, le ka baka la melato e meholo ya rona, kanthe wena, Modimo wa rona, o kile wa re hauhela, o sa ka wa re otla ka kotlo e lekanang le makgopo a rona, o bile o re boloketse masala a makalo,


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.


Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.


Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, le nna ke tla etsa ka kgalefo; leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ba tla howeletsa ditsebeng tsa ka ba tlerola, empa nke ke ka ba mamela.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Jwalokaha ke ne ke hopole ho le etsa hampe, mohla bontata lona ba nkgalefisitseng, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke sa kang ka fetoha,


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos