Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:32 - BIBELE

32 Masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba ile ba nyoloha le wona Egepeta, ba a epela Shekeme, seratswaneng seo Jakobo a neng a ile a se reka ho bana ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo tsa silefera, mme ya eba lefa la bana ba Josefa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:32
9 Referencias Cruzadas  

Setsha seo a hlomileng tente ya hae ho sona a se reka ho bara ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo.


Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”


Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Josefa a re ho bara ba Iseraele, ba ikane hore, mohla Modimo a ba etelang, ba tla tlosa masapo a hae Egepeta.


Moshe a nka masapo a Josefa, hobane Josefa o ne a ile a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla le etela; le tle le nyolohe le masapo a ka ha le tloha mona.”


A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a neng a e nee mora wa hae Josefa.


Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng.


Ditopo tsa bona tsa tliswa Shekeme, mme tsa epelwa lebitleng leo Aborahama a neng a le reke Shekeme ka silefera, ho bara ba Hemore.


Ka tumelo ha Josefa a le lekgatheng la ho shwa, o ile a bua ka ho tswa ha bana ba Iseraele Egepeta, a ba a fana ka ditaelo tse amanang le masapo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos