Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Joshua 19:28 - BIBELE O ye Eberone, le Rehobe, le Hamone, le Kana, ho ya fihla Sidone e Kgolo. Sesotho 1909/1961 (SO) le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo. |
Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.
Ba fetela Gileade le Kadeshe, naheng ya Bahete, ba nto fetela Dane, ba potoloha ho ya fihla Sidone.
Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda.
Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”
Kgutsang lona ba ahileng pela lebopo, kgutsang lona bahwebi ba Sidone, ba ruisitsweng ke ba tshelang mawatle.
Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.”
Ka tsatsi la boraro ho ne ho ena le mokete wa lenyalo Kana e Galelea, mme mma Jesu o ne a le teng.
Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
A boela a ya Kana e Galelea, moo a neng a fetole metsi veine teng. Hona moo ho ne ho ena le letona le leng, leo mora wa lona a neng a kula, Kaperenauma.
Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa.
Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.
Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.
Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.