Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 23:4 - BIBELE

4 Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Swaba, Sidone, hobane lewatle le a bolela, qhobosheane ya lewatle e re: Ha ke tsebe bohloko ba ho beleha, ha ke a beleha; ha ke a ka ka hodisa bahlankana kapa barwetsana.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 23:4
12 Referencias Cruzadas  

Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete,


Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.


le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle,


Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.


“Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.


Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Sidone, tseba hoba ke a o lwantsha, tlotla ya ka ke tla e bonahatsa ka wena; bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke ahlola baahi bohle ba hao, ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


Lesedi la lebone ha le ka ke la hlola le kganya ha hao. Lentswe la monyadi ha le ka ke la hlola le utlwahala ha hao. Bahwebi ba hao e ne e le mahosana a lefatshe, mme ka boloi ba hao wa thetsa ditjhaba tsohle.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos