Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 23:12 - BIBELE

12 Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 23:12
21 Referencias Cruzadas  

Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime.


“Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone.


Na oo ke wona motse wa lona wa menyaka, motse o theilweng mehleng ya kgalekgale, o ila romela baahi ho ya aha naheng tse hole?


“Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; Moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho.


“Theoha teroneng, o dule leroleng, Wena morwetsana, moradi wa Babilona; itulele fatshe, o theotswe teroneng, wena moradi wa Bakalatiya. Ha o sa tla bitswa ya bonojwana, ya bokotswang.


“Dula o kgutsitse, o kene hara lefifi, wena moradi wa Bakalatiya, ha o sa tla bitswa mofumahadi wa mebuso.


“Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ ‘Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola.


Eyang hlekehlekeng tsa Kitime le ke le bone, le romele maqosa Kedare, le hlahlobe hantle, le bone na ho tjena ho kile ha eba teng.


“Nyolohela Gileade o fumane moriana teng, wena morwetsana, moradi wa Egepeta; o sebedisitse tlhare tse ngata ho se katleho, le ho phekoleha ha wa ka wa phekoleha.


Dinatla tsa ka tsohle tse neng di mpotile, kaofela ha tsona Morena o di phetshetse; o mmemetse lebotho ho tla mphutuhela, le mphutuhele, tjhatjha ya ka le e pidile. Morena o tlabiketse morwetsana, Moradi wa Juda, a mo tlabikela sa morara setlhotlelong.


Ka baka la ditlhoriso le ho sebediswa ka thata, Juda e isitswe bothopuweng. Juda e phela kahara baditjhaba, e hloka le sebaka sa ho phomola. Bahlorisi ba yona bohle ba e tsomeditse, ba e tsometsa e le makaqabetsing.


“Suthang, le silafetse!” ho rialo setjhaba, “Suthang! Suthang! Le se ke la re ama!” Leha ba lelera hara baditjhaba, ha ho na moo ba fumaneng tjako teng!


Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou.


Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo.


Empa dikepe di tla tswa lebopong la Kitime, di siye Asure le Ebere e le lesupi, empa qetellong le tsona di tla timela.”


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos