La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 15:13 - BIBELE

Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.

Ver Capítulo



Joshua 15:13
18 Referencias Cruzadas  

Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng.


Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.


Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.”


Empa ha e le masimo a motse le metsana ya yona, a ile a abelwa Kalebe, mora wa Jefune.


le Sora, le Aiyalone, le Heborone. Metse ena ke yona e neng e haheleditswe naheng ya Juda le naheng ya Benjamine.


Jwale Kalebe, a le kapele ho Moshe, a re ho setjhaba: “Tsie lala! Re tla nyolohela teng habobebe, mme naha eo e tla ba ya rona, hobane re tla e hapa.”


morabeng wa Juda e le Kalebe, mora wa Jefune;


Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.


Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.


Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake.


Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.


Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake.


Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


le ba Heborone, le ba dibaka tsohle tseo Davida le banna ba hae ba kileng ba hlwahlwaela ho tsona.