Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 25:3 - BIBELE

3 Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:3
15 Referencias Cruzadas  

Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo;


Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.


Mosadi ya bohlale o haha lapa la hae, empa ya sethoto o le qhala ka matsoho a hae.


Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena.


Ke lekgoba leo ebang kgosi, le sethoto se nyonyobetseng,


Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa!


Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae.


Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone.


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.


Ha Davida a le lehwatateng, a utlwa hore Nabale o ntse a kuta dinku tsa hae.


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos