Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 25:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:3
15 Referencias Cruzadas  

Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;


hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.


Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.


ke mofo ya fetohileng morena, le lehlanya le kgorang bohobe,


Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole.


O ahlamisa molomo wa hae ka bohlale, molao o mosa o lelemeng la hae.


Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.


Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.


Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.


Davida ha a le feelleng, a utlwa ha ho thwe: Nabale o kuta dinku tsa hae.


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos