Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.
Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.