Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 25:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba Davida o roma bahlankana ba leshome, mme a re ho bahlankana bao: “Nyolohelang Karamele, le ye ho Nabale, le ntumedisetse yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:5
6 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Le dipolokwe tsena tsa mafi tse leshome, o di ise ho molaodi wa sekete sa bona, mme o bone hore na banabeno ba sa dutse hantle, o ntoo boya le taba tsa bona.


Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.


Davida ha a le feelleng, a utlwa ha ho thwe: Nabale o kuta dinku tsa hae.


Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos