Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 25:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Le tle le re ho yena: ‘Helele! Kgotso e be le wena, kgotso e be le ba ntlo ya hao, mme kgotso e be le tsohle tseo o nang le tsona!

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:6
12 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.


Yaba Akimaatse o hoeletsa, a re ho morena: Tsohle di lokile! A inamela fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya neetseng matsohong a hao banna ba kwenehetseng morena, monga rona.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Kgotso a e ke e be marakong a hao, le boiketlo matlung a hao a borena.


Bakeng sa banabeso le sa metswalle ya ka, ke tla re: Kgotso e be ho wena!


Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


Empa ya iphelelang menyakeng o shwele, leha a sa phela.


Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos