Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 25:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “ ‘Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:7
9 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.


Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao.


Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane.


Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos