Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:18 - BIBELE

18 Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:18
17 Referencias Cruzadas  

e leng sebakeng seo a neng a hahe aletare ya hae ya pele ho sona; ke moo Aborame a neng a rapele Morena teng.


Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.


Morena a iponahatsa ho Aborahama a le difateng tsa eike, tsa Mamore, moo a neng a dutse monyako wa tente, ka nako eo letsatsi le neng le tjhesa haholo.


Ba fihla sebakeng seo Modimo a ileng a mmolella sona. Aborahama a haha aletare hona teng, a bea patsi hantle; yaba o tlama mora hae Isaka, o mmea hodima aletare, kahodima patsi.


Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.


Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.


Jakobo a fihla ho ntatae Isaka, ha a le Mamore, motseng wa Kiriate-Areba, e leng Heborone, moo Aborahama le Isaka ba neng ba jakile teng.


Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.


Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.


Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.”


Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, hobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinngwa.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.


Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae.


Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos