La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joele 2:12 - BIBELE

“Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.

Ver Capítulo



Joele 2:12
39 Referencias Cruzadas  

Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”


Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.


o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao eo o e neileng setjhaba sa hao, hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.


“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Le setjhaba se manganga; ha nka ka ba hara lona motsotswana o le mong feela, nka le timetsa. Jwale rolang mekgabiso ya lona, ke tle ke tsebe hore na ke etsa eng ho lona.’ ”


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


Ho itima dijo ha lona ho baka dikgang le diqabang, ho bake le ho tlantlana, ho tlantlana ka ditebele. Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee ho ka etsa hore thapelo tsa lona di mamelehe?


“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.


Mohlomong ba tla ithapella ho Morena, mme motho ka mong a kgutle tseleng ya hae e kgopo, hobane kgalefo eo Morena a halefetseng setjhaba sena ka yona e kgolo.”


Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape;


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Yaba ke tadima ho Morena Modimo, ke ipiletsa ho yena ka thapelo, le ka dikopo, le ka ho itima dijo, le ka ho apara tse mahwashe, le ka ho itshela ka molora.


Wena, kgutlela ho Modimo wa hao, o be le lerato, o be le toka, o tshepe Modimo wa hao, o mo tshepe kamehla yohle.


Mohwebi o sebedisa sekala kala sa bolotsana, o bile o rata le ho qhekanyetsa.


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


“Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


le ho ya botsa baprista ba Tempele ya Morena wa mabotho, le baporofeta, ba re: “Na re tshwanela ho lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha re nnile ra etsa ka dilemo tse ngatangata?”


“Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: ‘Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka?


“Jwale lona le re: ‘A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele.’ Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho.


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.


Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho.


Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.”


Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.