Joele 1:6 - BIBELE Tjhaba ke seo se futuhela naha ya heso, ke tjhaba se matla, palo ya sona ke boiyane; meno a sona ekare a lekakuba, mekwetsepe ya sona ekare ya tauhadi. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane setjhaba se futuhetse lefatshe la ka, ke setjhaba se matla, se sa balweng, meno a sona ke meno a tau, se na le mehlahare e jwaloka ya tau e tshehadi. |
Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.
le llele le naha ya tjhaba sa ka, naha e metseng meutlwa le hlabahlabane; llelang matlo wohle a boithabiso, le llele motse ona wa menyanyako.
Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!”
Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria.
“Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona.