La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 21:5 - BIBELE

Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme nna ka sebele ke tla le lwantsha ka letsoho le otlolohileng le ka letsoho le thata, ka hlonamo le ka kgalefo le ka bohale bo boholo.

Ver Capítulo



Jeremia 21:5
21 Referencias Cruzadas  

“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Haeba ke ne ke ile ka phahamisa letsoho la ka, ka o otla hammoho le setjhaba sa hao ka lefu la sewa, o ka be o timetse lefatsheng,


Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


“Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.


Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso.


Mohlomong ba tla ithapella ho Morena, mme motho ka mong a kgutle tseleng ya hae e kgopo, hobane kgalefo eo Morena a halefetseng setjhaba sena ka yona e kgolo.”


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena.


Naka la Iseraele o le robile, a le roba kgalefo ya hae e tlokoma; tsoho la hae le letona, le matla, a le honyetsa ha sera se futuha. A halefela Jakobo sa mollo o malakabe, o malakabe, o timetsang kahohle.


Ke tla phaila seqha se letsohong la hao le letshehadi, se we, ke dihe metsu e letsohong la hao le letona.


Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona.


Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.


Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?