Jeremia 21:4 - BIBELE4 ‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlosa dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona, tseo ka tsona le lwantshang morena wa Babilona le Bakalde ba le thibeletseng kantle ho marako, ke tle ke di bokelle motseng ona. Ver Capítulo |
Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole.
“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.’ ”