Jesu a ba araba, a re: “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo,
Jakobo 1:16 - BIBELE Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang. Baasraak Sotho NT Banabeso ba ratwang, le se ke la fosa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Banabeso ba ratwang, le se ke la fosa. |
Jesu a ba araba, a re: “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo,
Jesu a re ho bona: “Na ha le lahlehe ke hobane le sa tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo?
Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:
Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,
Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.
Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,
Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.
Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.
ba kgelohileng nnete, ba ferekanyang tumelo ya ba bang, ka ho re tsoho ya bafu e se e ile ya eba teng.
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,
Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme.
Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa?
Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?
Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.
Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang.
Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.
Bana beso, ha e mong wa lona a fapohile nneteng, mme e mong a mo kgutlisitseng ho yona,