Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:1 - BIBELE

1 Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Banabeso, tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la ba le tshobotsi ya batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Banabeso, tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la ba le tshobotsi ya batho.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:1
29 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.


Ho ahlola ka leeme hase ntho e ntle, empa motho a ka nna etsa sebe, hore a fumane sengwathwana.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi,


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe.


Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla.


Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’


Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.


Re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le tsa lerato leo le nang le lona ho badumedi bohle,


o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona.


Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.


Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding,


re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa.


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,”


Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re:


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Mona ho batleha tiisetso ya badumedi ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos