Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:1 - Baasraak Sotho NT

1 Banabeso, tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la ba le tshobotsi ya batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Banabeso, tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la ba le tshobotsi ya batho.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:1
29 Referencias Cruzadas  

Ba roma barutuwa ba bona ho yena, ba ena le balatedi ba Heroda, ba re: “Moruti, re a tseba hore o nnete, mme o ruta tsela ya Modimo ka nnete, mme ha o tsotelle motho, hobane ha o tadime tshobotsi ya batho.


Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Kannete ke a lemoha hobane Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho.


ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Felikse a tla le Drrusila, mosadi wa hae, Mojuda, a bitsa Pauluse, a mo utlwa mabapi le tumelo ho Kreste.


A re: Banna, bana beso, le bontate, mamelang; Modimo wa kganya o iponahaditse ho ntata rona Abrahama, ha a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Harane;


Hobane ke hlolohetswe ho le bona, ke tle ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le tiise;


Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya.


Erekaha re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.


O tshegeditse tumelo le letswalo le le molemo; eo ba bang ba e lahlileng ka baka la tumelo, ba soahlamaneng le sekepe;


Ke o laela pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore o boloke taba tseo, o sa kgetholle, o se ke wa etsa letho ka leeme.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Modimo, le moapostola wa Jesu Kreste, ka tumelo ya bakgethwa ba Modimo, le ka ho tseba nnete e leng ka borapedi;


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Re ntse re lebile kwa go Jesu mosimolodi le mophethi wa tumelo ya rona; eo ka baka la thabo e beilweng pela hae, a mameletseng sefapano, a sa natse dihlong, mme o dutse letsohong le letona la terone ya Modimo.


Banabeso ba ratwang, le se ke la fosa.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, motho e mong le e mong a ke a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe ho halefa.


Le bile le hlompha ya apereng seaparo se setle, mme le re ho yena: ’Dula mona sebakeng se setle; mme le re ho mofutsana: Ema mona, kapa o dule tlasa bonamelo ba maoto a ka;


Empa ha le lebela batho, le etsa sebe, mme le ahlolwa ke molao jwalokaha le le batlodi.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo bonolo, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo na leeme, ha bo na boikaketsi.


Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:


Bao ke bakorotli, ba korotla, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona; mme melomo ya bona e bolela dipolelo tse kgolo tsa boikgohomoso, ba kgahla batho ka baka la katleho.


Mona ke mamello ya bahalaledi: ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos