Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Banabeso ba ratwang, le se ke la fosa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Banabeso ba ratwang, le se ke la fosa.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:16
22 Referencias Cruzadas  

Empa Jesu a araba, a re ho bona: Le lahlehile ke hobane ha le tsebe Mangolo le matla a Modimo;


Jesu a ba araba, a re: Na ho lahleha ha lona hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Modimo na?


Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Lona, le lahlehile haholo.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.


Ke le bolella hona hore motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tseo e kang di na le ho tshepeha.


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.


Lerato la boena a le tiye.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;


Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.


Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.


Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.


Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.


Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.


Banabeso, ekare ha e mong ho lona a kgeloha nnete, mme e mong a mmusetsa ho yona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos