Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:10 - BIBELE

10 Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Molomong o le mong ho tswa poko le thohako. Bana beso, dintho tsena ha di a tshwanela ho ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Molomong o le mong ho tswa poko le thohako. Bana beso, dintho tsena ha di a tshwanela ho ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:10
14 Referencias Cruzadas  

Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.”


Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi, o se ke wa nqobella, hobane naheng ya Iseraele ha ho etswe tjena. Se ke wa etsa ketso ena e manyala.


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.


hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?


Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.


Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa.


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.


Na mohloding o le mong wa sediba ho ke ho kolle metsi a monate le metsi a babang?


Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos