Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 1:15 - BIBELE

15 Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ke moo takatso ha e emere, e tswala sebe, mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ke moo takatso ha e emere, e tswala sebe, mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 1:15
21 Referencias Cruzadas  

empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, sona o se ke wa se ja, hobane mohla o ka se jang, ruri o tla shwa.”


Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.


Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae.


Ba emola tlokotsi, ba tswale bokgopo, thetso ke yona ngwana popelo ya bona.”


a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe.


Morena o itsebahaditse, o phethahaditse kahlolo, ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi, mesebetsi ya diatla tsa bona.


Motho ya lokileng o tla rua bophelo, ya pheeletseng bobe yena o tla timela.


Le emotse mmoko, le tla tswala ditlhaka, ho phefumoloha ha lona ke mollo o tla le timetsa.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota o ya ho baprista ba baholo,


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.


Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos