Isaia 1:3 - BIBELE Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.” Sesotho 1909/1961 (SO) Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho. |
Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.
Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.
O bone ntho tse ngata, empa ha o di ele hloko; tsebe tsa hao di lethwethwe, empa ha o utlwe letho.”
Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.
Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.
Ka baka leo, tjhaba sa ka se tla thopuwa hoba tjhaba sena se hloka kutlwisiso; bahlomphehi ba sona ba tla bolawa ke tlala, bongata ba sona bo tla shwa ke lenyora.
Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng.
Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.
Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.’
“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”
“Setjhaba sa ka ke dinku tsa malahleha, badisa ba sona ba ile ba se kgelosa, ba etsa hore se solle hodima dithaba. Se lelerile hodima dithaba le maralla, sa lebala baka sa sona sa ho phomola.
Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.
“ ‘O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo.
Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela. “Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe.
O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.
Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.
Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.
Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.