Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:22 - BIBELE

22 “Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:22
42 Referencias Cruzadas  

Yaba o bea seaparo seo sa Josefa pela hae, ho fihlela monga hae a fihla lapeng.


Amanone o ne a ena le motswalle ya bohlale haholo, ya neng a bitswa Jonadabe. E ne e le mora wa Shima, ngwanabo Davida.


Mehopolong ya hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloyeng.


Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.


Bohle ba kgelohile, ba senyehile kaofela; ha ho ya etsang tse ntle, ha ho le ya mong.


Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka.


Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.


Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.”


Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela.


Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle!


Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?


Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:


Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona.


Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


Motho ka mong o thetsana le motswalle, ha ho le ya mong ya buang nnete. Batho ba tlwaeditse maleme a bona ho bua leshano, ba ipakela mokgathala ka ho etsa sebe.


“ ‘O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo.


Lona Baiseraele, utlwang ntswe la Morena! Morena o qosa baahi ba naha ena, hobane ha ho nnete, ha ho mohau, le ho tseba Modimo naheng ena ha ho eo.


Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.


“Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle.


“Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.


Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.


“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


Leha ba ne ba re ba bohlale, ba thotofala;


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe.


ha ho ya utlwisisang, ha ho ya batlang Modimo;


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


“Ke tjhaba se hlokang kelello, kutlwisiso ha e yo ho sona.


Le buseletsa Morena ka mokgwa o tjee, lona tjhaba sa dithoto, tjhaba sa ditseketseke? Na hase yena Ntata lona le Mmopi wa lona? O le bopile, a le etsa setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos