Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:21 - BIBELE

21 Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke tla bona folaga ho isa hokae, ke utlwe modumo wa terompeta ho isa kae na?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:21
11 Referencias Cruzadas  

Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.


Kgosi ya Egepeta ya mo tlosa setulong sa bokgosi Jerusalema; ya lefisa baahi ba naha eo silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Koduwa di fihla ka ho latellana, hobane fatshe lohle le senyehile; hanghang tente tsa ka di a senyeha, masira a tsona a tabohe ka ho panya ha ntshi.


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


eba le re: ‘Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;’


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos